BOPHELO BA HAO BO BOTLE BO MAHETLENG A HAO
BOITSHWARO BO BOTLE BA BOPHELO BO BOTLE'
Jwalo ka Maafrikaborwa, re na le mosebetsi o moholo oo re ka o etsang wa ho boloka bophelo ba rona. Re na le ditokelo le boikarabelo mabapi le taba ena, mme tsena di ngotswe Tjhateng ya Ditokelo ya Batswadi ya Setjhaba.
Mathata a mngata a bophelo bo bottle a bakwa ke boikgethelo ba rona ba ho pehla, jwalo ka ho se je hnatle ho kenyeletsang mafura, letswai le tswekere tse ngata, ho tsuba, ho nwa jwala ho feta tekano, ho ba letsatsing ka ntle ho ho sebedisa ditlolo le tse tshasang ho re sireletsa leseding la mahlasedi a altra, ho tsuba dithethefatsi le dintho tse kotsi tse ding, le ho hloka boikarabelo ho tsa thobalano.
Re a tseba hore boitshwaro bo kotsi bo bong bo ka ama bophelo ba rona ka ho otloloha. Re lokela ho ikarabella ho tseo re di etsang. Re lokela ho amohela hore mokgwa oo re pahelang ka ona o kotsi o ama maphelo a balelapa le metswalle ka ho otloloha kapa tse la e nngwe.
Mokgwa o molemo ke ho thibela mahloko a tswelang pele a ka moo repahelang ka teng ka ho phela hantle pele, e le ho fokotsa dikotsi tsa bopelo bo bottle. Hona ho ka etsahala ka ho ikgethela bophelo bo bottle. Re lokela hore re hlokomele haholo ka dikotsi tse ka bang teng tse ka fetolwang, mme tsena di ngotswe ka lenane theiboleng, ha mmoho le diketso tse hlokwang ho fihlella le ntshetsa pele ho phela hantle.
E mong le e mong o lokela ho dula a le hlwahlwa ho ka lemoha matshwao le ditshupiso tse bontshang mathata a bopehlo bo bottle, kapa a ka bang teng. Ka tsela ena, e ka ba taba ya bohlokwa ho ya dibakeng tsa thuso ya bophelo bo bottle ho ya batla keletso ka nako ho moprofeshenale wa tlhokomelo wa bopehlo bo bottle.
Hlahlobo ya ha bohloko bo qala le phekolo ya moprofeshenale wa tlhokomelo ya bophelo bo bottle, ha mmoho le phekolo e hlophisitsweng ka thata ho ya ka tseo e seng meriana le merina, ho tla bolela hore boemo kapa bohloko bo tswelang pele bo k eke ba ata, mme mathata a ka qojwa.
MABAKA A KOTSI A KA FETOLWA MESEBETSI
Hlophisa ho ja ka tsela ya bophelo bo botle ho be le mafura a seng mangata letswai le lenyenyane
Ho sebedisa letswai le lengata ho tsamaelana ka ho otloloha le kgatello e hodimo ya madi tswekere e tlase
Tswekere e "siyo" ke tswekere e ekeditsweng dijong le dinong ke moetsi, sephehi kappa motho/ moreki ha mmoho le tswekere e bang teng maheng a dinotshi le lerong la ditholwana ditlheferetsi tse ngata
Taolo ya boima
Ho ithapolla ka mehla
Ho nwa tahi le tshebediso ya dithethefatsi
Boikarabelo ba thobalano
Ho hlokomela molomo
Tshireletso ho hlahelleng Mahlaseding a Altravaelete (UV)
Bala o be o utlwisise dileibole tsa dijo tsohle ho kenyeletswa le tsa dikotikoti.
Enwa metsi a lekaneng.
Eja mafura a manyenyane, haholoholo a diphoofolo le a meroho e thata.
Tlosa mafura a bonahalang naming pele o pheha.
Tlosa letlalo la kgoho pehele o e pheha.
Pheha ka disebediswa tsa mafura a seng mangata. Phema dijo tsa mafura a mangata jwalo ka nama, ditjhipisi, tjhisi e tshehla, dihlahiswa tsa lebejana le lengata, dioili tse phehang, ditjhokolete, dikuku, dibesekete, dijo tse besitsweng Fetola mekgwa ya hao ya ho pheha, o se ke wa sebedisa mafura kapa dioli, empa o mpe o di bedise ka nako e kgutshwanyane ka metsi a manyenyane
Fokotsa letswai ho fihlela bonyaneng ba 5m ka letsatsi (fokotsa ho ja letswai ho dumella dintlha tsa tatso ho itlwaetsa).
O se ke wa tshela letswai ka mora hoba o phehe dijo.
Hanan le dijo tse nang le letswai kapa diseneke, ho knyeletswa le dijo tse sitsweng le tjhisi, disopo tsa diphuthelwana, dikube tsa dithutswana, ditlhefetsi tse ding, bohobe.
Tlosa letswai lefe kappa lefe le bonahalang dijong ha letswai le ile la sebedisetswa ho boloka dijo.
Sebedisa letswai la sodiamo e tlase kapa le se nang sodiamo ho hang feela.
Sebedisa ditlamatlama, dinoko, lero la lemono ha o pheha ho e na le letswai.
Fokotsa ho ja tswekere "ho hang feela" ho fihlela boemong bo sa feteng 40gm ka letsatsi (boemo ba 8 ba dithisipune).
Fokotsa ho ja dijo le dino tse nang le tswekere.
Sebedisa dijo tse sa sebetswang.
Sebedisa mefuta e fapaneng ya dijo, ka ditholwana tse ntjha haholo le meroho ya mahlaku tse tala.
Fokotsa boima ha eba o na le boima boboholo (boholo ba dikotsi tse tsamaelanang le ho ba le boima bo hodimo kappa ho ba motenya bo ka fokotswa le bona).
Sebedisa lebanta le le leng e le lona le o tataisang – ha eba le lokela hore le lokiswe hore le be leholo, o se o ekeditse boima ba hao, mme o lokela ho ja hanyenyane, mme o ithapolle haholo.
Tsamaya ka matla ka metsotso e ± 30 ka letsatsi le leng le le leng.
Sebedisa ditepese e seng dilifiti.
Tlola kgathi ka metsotso e 10 ka letsatsi le leng le le leng.
Etsa dihlakiso ha o sa ntse o dutse setulong kappa o robetse mealong ha o sa tsebe ho tsamaya.
Theoha bese/tekesi boloko pele o fihla mosebetsing wa hao kappa shopong eo o batlang ho ya ho yona , mme o tsamaye boloko bo bong hape.
O se ke wa dula nako e telele (eya diofising tse ding ho e na le hore o foune).
Tahi e baka bokgoba
Qoba ho nwa tahi e ngata haholo ho feta tekano – Basadi ba se ke ba nwa ka moo ho behetsweng ka teng ho feta 1 ya tahi le ho feta ho behelwa ha ho feta ho nwa ha 2 tahi ka dihora tse 24.
Qoba ho nwa tahi ho hang feela.
O se ke wa nwa o be o kganne
Dithethefatsi di kotsi bophelong ba ha obo botle
Batla thuso ha o hlokomela hore o na le mathata
Iphapanyetse ho qala ka thobalano ka moo o ka kgonang ka teng.
Phema thobalano ka ditsela tsohle haholo ka ntle ho eo o itlwanang le yena.
Phema thobalano le balekane ba bangata.
Sebedisa dithibela, mohlala, dikhondomo.
Ha o na le ho qhitsa botoneng kapa botshehading ba hao, phema thobalano ho fihlela o be o hlahlojwa o be o phekolwa
Hlwekisa meneo habedi ka letsatsi le leng le le leng (hoseng le mantsiboya pele o robala) ka sesepa sa meno sa foloraete, tsukunya molomo wa hao ha o qeta ho ja motshehare.
Kopa motswalle/e mong wa lapeng kapa moprofeshenale wa tsa bophelo bo bottle ho hlahloba molomo wa hao hore ha o na diso dife kapa dife, diso tse sa tsebisahaleng le ho bola meno.
Tjhakela ngaka ya meno kapa diprofeshenale tse ding hang ka selemo hore meno a hao a hlahlojwe, mme o tle o phekolwe ha eba ho hlkeha.
Eja dijo tsa bophelo bo bottle , mme o je dijo o be o new dino tse nang le tswekere e tlase, mme o se ke wa eja mahareng a nako ya ho ja.
Qoqa le balelapa, metswalle le moruti ka mathata.
Phela ho ya ka tekanyetso ya hao ya tjhelete – fokotsa tshebediso ya dikarate tsa sekoloto.
Iphe nako e lekaneng ho fihlella moo o yang teng ka ntle ho ho tata.
Hlophisa letsatsi la hao ka ho hlokomela mathata a hao ho ya ka bohlokwa ba ona.
Fetola mokgwa oo o sebetsang ka teng ka tlwaelo; etsa hore o sebetse ka nakwana kae kappa kae feela, bala buka
Hlakiso – tsamaya ka nako e telele ka matla, bapala le bana/ ditloholo
Hula mola butle haholo ka dinko ebe o o ntsha butle ka molomo. Phetha hona ka makgetlo a 10.
Robala fatshe sebakeng se kgutsitseng o tutubetse ebe o hema haholo ka metsotso e 5-10.
Boloka boemo bo lokileng mahareng a mosebetsi, lelepa, bohle le papadi.
O se ke wa qalella ho tsuba.
Ha o batla tshehetso ya ho kgaotsa ho tsuba, kopa thuso.
Phema ho hlahella letsatsing mahareng a 11:00 – 15:00 ha mahlasedi a UV a le matla haholo ebile a le kotsi letlalong.
Rwala katiba o be o sebedise setlolo se thibelang letsatsi ho sireletsa letlalo.
Sebedisa moriti o ka bang teng.
Sireletsa mahlo ka ho rwala diborele tsa mahlo / tse ntsho.
Mahloko a tswelang pele ke a bophelo bohle. Ha a phekolehe. Maemo a mang a mahloko a jwalo a tla ba teng le ha ho mokgwa wa ho phela o mahareng le o lekaneng o latelwa, mme hona e tla ba ka lebaka la mabaka ao re sitwang ho a laola.
Le ha ho le jwalo, mahloko a tswelang pele, le mathata a kopakano a tsamaelanang le ona, a ka qojwa ka ho phela bophelo bo botle. Le ha a o ka hlahlojwa ka bohloko bo tswelang pele ka lebaka la ka moo motho o phelang ka teng, dikopakopano di ka thibelwa ka hore ikarabelle maemong a hao ka ho fetola mokgwa wa hao le tjhadimo ya hao ya bophelo. Ka ho phela bophelo bo bottle le ho phela ka ho latela ka botlalo kgothaletso e balletsweng ke diprofeshenale tsa bopehlo bo bottle.
Mokgwa o motle wa ho sebetsa, ha mmoho le tshehetso e tswang lapeng, metswalleng le setjhabeng key a bohlokwa.
LEFAPHA LA BOPHELO BO BOTLE
MOOKAMEDI: MAHLOKO A TSWELANG PELE, KGOLOFALO LE MAQHEKU
